Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka, ke ile ka a tlohela hodima lefika, moo a neng a ke ke a pateha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:8
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.


Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.


Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.


Bana ba rwalla patsi, bontata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama ho etsetsa mofumahadi wa lehodimo dinkgwana, ba tshella medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


O molato ka madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ditshwantsho tseo o di entseng; o atameditse matsatsi a hao, o bile o fihlile phellong ya dilemo tsa hao; ke kahoo ke o beang sekgobo ho ditjhaba le sesomo dinaheng tsohle.


Empa batho ba lokileng ba tla ba ahlola ka kahlolo ya basadi ba bafebi, le ka kahlolo ya ba tshollang madi; hobane efela ke bafebi, mme ho na le madi matsohong a bona.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


ba re: Jo! jo! Motse o moholo o neng o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o neng o kgabile ka kgauta, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka diperela, na maruo a kakalo a fedile jwang ka hora e le nngwe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ