Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse oa madi! ke pitsa e mafome, eo mafome a yona a sa tloheng. E tshole ka disuma tsa yona; ho se ke ha laolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 “ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ho madimabe motse o tshollang madi, o kang pitsa e tletseng mafoome, pitsa e sa ke be e falwe! Tshola maqa a ka pitseng, o a tshole ka bonngwe, o a tshole o sa a laole ka lotho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:6
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.


Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


Efela kannete ke ka taelo ya Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pela hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manasse a di entseng;


le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.


Leha o bo o ka itlhatswa ka logo, wa nka sesepa se sengata, bokgopo ba hao bo ne bo ke ke ba hlakoha pela ka: ho bolela Morena Jehova.


Mofuthu o a tjha, loto e qetwa ke mollo; moqhibidisi o qhibidisa feela hobane ba babe ha ba tloswe.


Motse ona e ke ke ya eba pitsa eo le tla ba dinama tsa yona, ke mpa ke tla le ahlola moeding wa Iseraele.


ba reng: Ha ho eso ho be nako; re ka nna ra haha matlo; motse ona ke pitsa, mme rona re dinama.


Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.


Wena mora motho, ana o tla ahlola, ana o tla ahlola motse wa madi? O tsebise manyala wohle a wona,


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


o re: Morena Jehova o re: Ke motse o tshollang madi kahara wona, hore nako ya wona e tle e fihle, mme o iketsetsa ditshwantsho ho itshilafatsa ka tsona.


O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse wa madi! Le nna ke tla etsa qubu ya patsi.


Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele.


Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona.


Yaba ba botsana, ba re: Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang? Ba laola ka lotho, mme lotho ya ntsha Jonase.


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Jo! motse wa madi! O tletse bohata le polao kahohle; teng, ha ho leswe ho hapuwa.


Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela.


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena.


Ebile Joshua o re: Thibollang monyako wa lehaha, le nntshetse lehaheng marena ao a mahlano.


Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.


Mme ke ho wona ho fumanweng madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba bolailweng lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ