Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:27
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Mohlang oo, ke tla medisetsa ntlo ya Iseraele lenaka, mme wena, ke tla o nea molomo o ahlamileng hara bona, hore ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.


O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.


A re a sa mpolella ditaba tseo, ka kobotela fatshe ka sefahleho, ka hloka puo.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ