Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 ‘Ere ho ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Bonang, ke tla silafatsa Sehalalelo sa ka, e leng qhobosheane eo le ikgantshang ka yona, eo le e ratang haholo, eo le e qenehelang. Bara le baradi ba lona, bao le ba siileng Jerusalema, ba tla bolawa ka sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:21
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Batlang Jehova le matla a hae, le batle sefahleho sa hae kamehla!


Tsoha, Jehova, o kene nqalong ya phomolo ya hao, wena le areka ya bokgabane ba hao.


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Ba tjhesitse sehalalelo sa hao ka mollo; ba hlompholotse, ba rapaladitse boaho ba lebitso la hao.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Meaho ya hao e rateha hakakang, wena, Jehova wa makgotla!


Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang madinyane a lona teng ... Oho! dialetare tsa hao, Jehova wa makgotla, Morena wa ka, le Modimo wa ka!


Kganya le letlotlo di pela hae, matla le botle di sehalalelong sa hae.


Empa lona ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ya ka e halalelang, ba beelang Tosa tafole, ba tshellang Sefalabohoho seno se tswakilweng,


Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.


ka baka leo, ke ya etsa ntlo eo lebitso la ka le bitswang ho yona, eo le itshepetseng yona, le leaho leo ke le neileng lona le bontata lona, jwalokaha ke setse ke entse Silo;


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.


Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.


ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.


Mme letshwele le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba hlabe ka marumo; ba tla bolaya bara ba bona le baradi ba bona, ba tjhese matlo a bona.


Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.


Yaba ke re ho bona: Lentswe la Jehova le ntletse, la re:


Le tla etsa jwalokaha ke entse; le ke ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja bohobe ba bofifi.


Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;


Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.


Ke ya tlisa ditjhaba tse fetisang ka bobe, di tle di rue matlo a bona; ke tla kgaotsa boikakaso ba dinatla, dinqalo tsa bona tse halalelang di silafatswe.


Hape, a re ho bona: Silafatsang tempele, le tlatse mabala ka ba bolailweng. Eyang! Yaba ba ya, ba hlabaka motseng.


Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


Efraime o batilwe ke letsatsi; metso ya bona e omile; ha ba sa tla bea ditholwana: leha ba ka tswala, ke tla bolaya bana ba bona ba bohlokwa.


Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.


Tlung ya motho ya etsang jwalo, Jehova o tla kgaola ditenteng tsa Jakobo ya fadimehang, le ya arabang, le ya hlahisang sehlabelo ho Jehova wa makgotla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ