Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 24:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 24:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


Ka selemo sa bohlano sa ha morena Jojakine a isitswe kgolehong, ka la bohlano ho kgwedi,


Ka selemo sa bosupa, ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome ho kgwedi, baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho botsa Jehova, mme ba dula pela ka.


Ba tla busetsa molato wa bohlola ba lona ho lona, mme le tla jara kotlo ya dibe tseo le di entseng le ditshwantsho tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


Mora motho, ingolle lebitso la letsatsi lona lena: kajeno lena, morena wa Babilona o patela Jerusalema.


Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ka selemo sa leshome, ka kgwedi ya leshome, ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya pele, ka la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya boraro, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka la leshome le metso e mehlano la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.


Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ka re ke sa dutse tlung ya ka, le baholo ba Juda ba dutse pela ka, letsoho la Morena, e leng la Jehova, la nkwela hodimo hona teng.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ