Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke kahoo ke neng ke mo neela matsohong a barati ba hae, matsohong a bana ba Assiria, bao a neng a ba rata haholoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “Ka baka lena, ke ile ka neelana ka yena matsohong a baratuwa bao ba hae ba Baasiria, bao a neng a ba tjhatjhehela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Jehova a ba a tlosa Iseraele pela mahlo a hae, jwalokaha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baporofeta. Baiseraele ba tloswa lefatsheng la bona, ba iswa Assiria kgolehong, ho fihlela tsatsi la kajeno.


Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.


ha ho le jwalo, bona, ke tla phutha barati bohle ba hao, bao o ba thabetseng, le bohle bao o ba ratang, hammoho le bohle bao o ba hloileng; ke tla o phuthela bona hohle, ke ba apolele bofeela ba hao, mme ba fela ba tla bona bofeela bohle ba hao.


A hlanola bohlola ba hae, a apola bofeela ba hae, mme moya wa ka wa hlobohana le yena, jwalokaha moya wa ka o ne o se o hlobohane le ngwanabo.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Oho Oholiba, bona, ke tla o tsosetsa barati ba hao, bao moya wa hao o ba hlobohileng, ke ba tlise ba etswa nqa tsohle ho tla o lwantsha:


Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ