Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.


Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


A mpa a totisa bohlola ba hae, a ntse a eleletswe tshiu tsa botjha ba hae tsa mohla a etsang bohlola naheng ya Egepeta;


Wa rata ho ya bona bohlola ba botjha ba hao ba mohla Baegepeta ba neng ba pholla sefuba sa hao, ka baka la matswele a botjha ba hao.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


O tla nwela ho wona, o be o o momone, o be o lome dikgaketla tsa wona, o be o harole matswele a hao; hobane ke nna Morena Jehova ke boletseng hoo.


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ