Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Ba tla busetsa molato wa bohlola ba lona ho lona, mme le tla jara kotlo ya dibe tseo le di entseng le ditshwantsho tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

49 Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:49
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Ketso ya hore hoitseng o tla e busetsa ho motho ka hore hoitseng: kgalefo ho ba mo lwantshitseng, le kotlo ho dira tsa hae; a busetse le ho dihlekehleke diketso tsa tsona.


Ha ele bao dipelo tsa bona di tsamayang ka ho rata diila tsa bona le manyala a bona, ke tla bea molato wa metsamao ya bona dihloohong tsa bona: Morena Jehova o rialo.


Erekaha o sa ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, mme o bile manyadi ho nna nthong tseo tsohle, le nna ke tla o jarisa molato wa metsamao ya hao hloohong: ho rialo Morena Jehova; mme ha o sa tla ekeletsa manyala a hao wohle ka ditshila tse ding.


Ditshila tsa hao le manyala a hao, jwale o di jere, ho rialo Jehova.


ke tla kgetha baikgantshi le ba nkganang hara lona, ke tle ke ba ntshe naheng eo ba ahelletseng ho yona; empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke se ke le buseditse naheng ya Iseraele, lefatsheng leo ke neng ke emiseditse bontata lona letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa lona.


mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke le etsang tse jwalo, ka baka la lebitso la ka, e seng ka ho ya ka mekgwa e mebe ya lona, leha e le ka diketso tse bodileng tsa lona, ntlo ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, ho bolela Morena Jehova: Erekaha o ntebetse, mme o ntahletse kamora mokokotlo wa hao, jara, e le wena, molato wa bohlola ba hao le wa bootswa ba hao.


Ke tla kgaoletsa bohlola lefatsheng, basadi bohle ba lauwe, ba tle ba se ke ba ya ka bohlola ba lona.


Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:


Ke tla etsa Rabba makgulo a dikamele, naha ya bana ba Ammone e be metebo ya dinku; le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ba bolawang ba tla wa hara lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Leihlo la ka ha le ka ke la o qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla bea metsamao ya hao ho wena, manyala a hao a be bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.


Leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla busetsa ho wena ka metsamao ya hao, manyala a hao a tla ba bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ya otlang.


Ha ho le jwalo, le nna leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ya bona dihloohong tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ