Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Mme letshwele le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba hlabe ka marumo; ba tla bolaya bara ba bona le baradi ba bona, ba tjhese matlo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

47 Letshwele leo le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba bolaye ka disabole; le bolaye bara le baradi ba bona, le tjhese le matlo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:47
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.


ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.


Ba tla o etsetsa ka hloyo ya bona, ba be ba tlatlape leruo la hao kaofela, mme ba tla o tlohela o le feela, o hlobotse; ka mokgwa o jwalo, bofeela ba bootswa ba hao le ho boka ha hao le bohlola ba hao ba tla apolwa.


Ke tla kgaoletsa bohlola lefatsheng, basadi bohle ba lauwe, ba tle ba se ke ba ya ka bohlola ba lona.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Ho jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse oa madi! ke pitsa e mafome, eo mafome a yona a sa tloheng. E tshole ka disuma tsa yona; ho se ke ha laolwa.


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.


O tla bokella thepa yohle ya wona kahara lepatlelo, mme o tla tjhesetsa Jehova, Modimo wa hao, motse oo, le mesebetsi ya wona yohle, e tla nne e be qubu ya dithako kamehla, tse ke keng tsa boela tsa hahuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ