Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:41
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.


O adile diphate tsa hao hodima thaba e phahamileng, e bonahalang, le teng o nyolohetse ho ya etsa mahlabelo.


Empa lona ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ya ka e halalelang, ba beelang Tosa tafole, ba tshellang Sefalabohoho seno se tswakilweng,


Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.


e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.


Bona ba tla kena sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa, ba boloke tseo ke di beileng.


Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.


mme ba robala dikobong tse nketsweng molato pela dialetare tsohle, ba nwa veine ya ditefo tsa bona tlung ya Modimo wa bona ...


Ba sekame hodima ditulo tse entsweng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse hodima diphate tsa bona, ba ja dikonyana tsa mohlape le manamane a fepuwang setaleng.


Le hlahisa sejo se sebe aletareng ya ka, mme le re: Re o hlompholotse kang? Ke ha le re: Tafole ya Jehova e a nyatseha.


A hana, a re: Nke ke ka ja. Bahlanka ba hae hammoho le mosadi ba mpa ba mo phehella, a ba a utlwa, a tsoha fatshe, a dula malaong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ