Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Hapehape ba rometse ho lata batho ba tswang hole; mme ka lenqosa e neng le rometswe ho bona, ba fela ba tla. O itlhatsweditse bona, o takile mahlo a hao, o ikgabisitse ka baka la bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 “Ba bile ba roma maqosa ho lata banna ba tswang hole, mme ha ba fihla o ile wa ya tola, wa kgabisa dintshi tsa hao, wa nto rwala mabenyane a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:40
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Jehu a fihla Jisreele, Jesebele a utlwa; yaba o itaka mahlo ka pilo, a ikgabisa hlooho, a nyarela ka sefensetere.


Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, —


O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.


Mme bonang, a kgahlanyetswa ke mosadi ya ikgabisitseng ka mokgwa wa sehlola, a ikgakantse pelo;


Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.


Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.


Ka mmona ha a itshilafatsa, e le ka mokgwa o le mong ho bona ba babedi.


Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.


Ho hlopheha ha lona e se ke ya eba ho kantle, e leng moriri o forilweng, kapa dikgabisotsa kgauta, kapa diaparo tsa ho kgaba;


O iphotle, o tlole, o apare dikobo tsa hao, o theohele seotlong; o mpe o se ke wa ipontsha monna eo, a eso ho qete ho ja le ho nwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ