Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mabitso a bona, e moholo e ne e le Ohola (tente), moenae e ne e le Oholiba (tente ya ka ho yena). Ya eba ba ka, ba tswala bara le baradi; haele ka mabitso a bona, Ohola ke Samaria, Oholiba ke Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Lebitso la e moholo e ne e le Ohola, moena hae yena e le Oholeba. E ne e le basadi ba ka, ba ileng ba ntswalla bara le baradi. Ohola ke Samaria, Oholeba yena ke Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:4
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare Baiseraele bohle ha ba utlwa hore Jeroboame o boile, ba romela ho mmiletsa phuthehong; teng, ba mmea morena wa Baiseraele bohle, ho se leloko le latetseng ntlo ya Davida, haese la Juda le nnotshi.


Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.


tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Ke na be ke itse: Etlare hobane a etse tseo kaofela, o tla boela ho nna; empa ha a ka a boela; mme Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, o kile a bona.


Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,


Ba tla nyolla sera, se tla tla o lwantsha, mme ba tla o tlepetsa ka majwe, ba o pomake dikoto ka marumo a bona.


Moholwane wa hao ke Samaria hammoho le baradi ba hae, ba ahileng nqa letsohong le letshehadi ho wena; mme moenao, ya ahileng nqa letsohong le letona ho wena, ke Sodoma hammoho le baradi ba hae.


Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Yaba Jehova o re ho nna: Mora motho, hleka o tla ahlola Ohola le Oholiba? Ha ho le jwalo, ba bolelle manyala a bona.


Ha uwa ho yena jwalokaha ho uwa ho mosadi wa seotswa; ha uwa jwalo ho Ohola le ho Oholiba, basadi bana ba dihlola.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


Yaba o ya, a nka Gomere, moradi wa Diblaime; mme eo a emola, a mo tswalla moshanyana.


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.


Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ