Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 O tsamaile tseleng ya ngwaneno, ke hona ke beileng mohope wa hae letsohong la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Kaha o ile wa etsisa ngwaneno, ke tla o nea mohope wa hae letsohong, o o nwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:31
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le bona Bajuda ha ba ka ba boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa bona; le bona ba ya ka mekgwa eo Baiseraele ba e entseng.


Ke tla otlolla kgwele ya Samaria, le tekanyo ya ntlo ya Akabe hodima Jerusalema; ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola pitsa, a e hlakole, a be a e ribehe.


Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;


Ka mmona ha a itshilafatsa, e le ka mokgwa o le mong ho bona ba babedi.


O tla tlala botahwa le bohloko; mohope wa Samaria, ngwaneno, ke mohope o thotofatsang, o timetsang.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ