Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ba ile ba fetoha diotswa naheng ya Egepeta, ba ineella bootswa ho tloha botjheng ba bona. Naheng eo ditlhoko tsa matswele a bona di ile tsa tsikinyetswa, le difuba tsa bona tsa phollwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bofebe bo tumileng ba hae, Iseraele o silafaditse lefatshe; o febile le lejwe le sefate.


Empa wa nna wa tshepa botle ba hao, mme ka ho tshepa lebitso la hao wa nna wa boka, wa tshela bohle ba fetang ka bootswa ba hao, wa re, ke jwa bona.


Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao. Eitse hobane o qete bobe boo bohle,


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.


A mpa a totisa bohlola ba hae, a ntse a eleletswe tshiu tsa botjha ba hae tsa mohla a etsang bohlola naheng ya Egepeta;


Wa rata ho ya bona bohlola ba botjha ba hao ba mohla Baegepeta ba neng ba pholla sefuba sa hao, ka baka la matswele a botjha ba hao.


O tla nwela ho wona, o be o o momone, o be o lome dikgaketla tsa wona, o be o harole matswele a hao; hobane ke nna Morena Jehova ke boletseng hoo.


Mabitso a bona, e moholo e ne e le Ohola (tente), moenae e ne e le Oholiba (tente ya ka ho yena). Ya eba ba ka, ba tswala bara le baradi; haele ka mabitso a bona, Ohola ke Samaria, Oholiba ke Jerusalema.


Ha ke bolela mosadi eo ya tshofaditsweng ke bofebe ba hae, ke re: Na yena eo o sa tla batlwa bohlola na?


Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Hobane le a tseba le lona kamoo re neng re ahile lefatsheng la Egepeta kateng, le kamoo re fetileng hara ditjhaba tseo le tsamaileng hara tsona kateng;


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ