Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 23:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A mpa a totisa bohlola ba hae, a ntse a eleletswe tshiu tsa botjha ba hae tsa mohla a etsang bohlola naheng ya Egepeta;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Empa a nna a feteletsa bootswa ba hae, ha a hopola botjha ba hae, e sa le seotswa naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 23:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!


Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao. Eitse hobane o qete bobe boo bohle,


wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.


Wa ba wa atisa bootswa ba hao naheng ya Kanana, ho ya fihla le Kalde; mme le teng, ha o a ka wa kgolwa.


Le yena Samaria, ha a ka a etsa sekoto sa dibe tsa hao; wena, o atisitse manyala a hao ho feta yena, o lokafaditse banabeno ka manyala wohle a hao ao o a entseng.


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


A mpa a ekeletsa bohlola ba hae; a bona banna ba tshwantshitsweng leboteng, ditshwantsho tsa Bakalde tse takilweng ka bofubedu,


A hlanola bohlola ba hae, a apola bofeela ba hae, mme moya wa ka wa hlobohana le yena, jwalokaha moya wa ka o ne o se o hlobohane le ngwanabo.


a rata baboki ba teng haholoholo bao nama ya bona e kang nama ya diesele, le mohlapo wa bona o kang mohlapo wa dipere.


Wa rata ho ya bona bohlola ba botjha ba hao ba mohla Baegepeta ba neng ba pholla sefuba sa hao, ka baka la matswele a botjha ba hao.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.


Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ