Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:7
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, ba hatakela setjhaba sa hao, ba hlorisa lefa la hao;


ba bolaya mohlolohadi le moditjhaba; ba timetsa dikgutsana;


Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


O se ke wa tuba moditjhaba; le lona le tseba maikutlo a moditjhaba hobane le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.


Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.


O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.


Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.


ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motshwenyehi, le lokisetse dikgutsana, le emele nyewe ya mohlolohadi;


Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.


ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.


Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.


le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane Moshe o itse: Hlonepha ntatao le mmao, mme ya buang hampe le ntatae, leha e le mmae, a bolawe.


O se ke wa kgopamisa nyewe ya moditjhaba, leha e le ya kgutsana, mme o se ke wa nka kobo ya mosadi wa mohlolohadi ho e etsa tebeletso.


Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ