Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O molato ka madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ditshwantsho tseo o di entseng; o atameditse matsatsi a hao, o bile o fihlile phellong ya dilemo tsa hao; ke kahoo ke o beang sekgobo ho ditjhaba le sesomo dinaheng tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 O molato ka baka la madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ho iketsetsa medingwana ya bohata. O kgutsufaditse matsatsi a hao, mme qetello ya dilemo tsa hao e se e fihlile. Ka baka lena, ke tla o etsa sekgobo ho baditjhaba, ke o etse sesomo dinaheng tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:4
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:


Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.


ba entse lefatshe la bona makatso le sesomo ka ho sa feleng, hore e mong le e mong ya tla feta ka lona a tle a makale, a sisinye hlooho ya hae.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Le mphepheleditseng ka diketso tsa matsoho a lona, ka ho tjhesetsa medimo esele dibano lefatsheng la Egepeta, moo le tlileng ho aha teng; hore ho nne ho ikgaole lona, mme le nne le be thohako le nyediso hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


ke mohla bokgopo ba hao bo neng bo eso ho hlanolwe, jwalokaha ho kile ha eba teng mohla o nyefolwang ke baradi ba Siria le bohle ba ba teetseng hare, le ke baradi ba Bafilesta ba neng ba o hlapaola ka nqa tsohle.


Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.


Wena mora motho, ana o tla ahlola, ana o tla ahlola motse wa madi? O tsebise manyala wohle a wona,


Morena Jehova o re: O tla nwa ka mohope wa ngwaneno, e leng mohope o moholo, o sephara; ka baka la boholo ba wona, o tla fetoha ditsheho le sesomo.


Bohloleng ba hae, a ineela batho bao kaofela ha bona e neng e le bakgethwa ho bana ba Assiria, a itshilafatsa ka bohle bao a neng a ba rata haholoholo, le ka ditshwantsho tsohle tsa bona.


Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.


Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.


Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Ke tla sohlokanya naha ya lona, ho fihlela dira tsa lona tse tlang ho aha ho yona di makala.


Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


bona le ditjhaba tsohle ba tla re: Na ke ka baka lang ha Jehova a entse lefatshe lena jwalo? Kgalefo ya bohale bona bo boholo hakalo e tswa kae na?


Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ