Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:31
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.


Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!


Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Bonang, lebitso la Jehova le a tla le etswa hole, le tla ka mollo wa bohale le tjheso e tshabehang; melomo ya hae e tletse kgalefo, leleme la hae le jwaloka lelakabe le tjhesang.


Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Ha ele bao dipelo tsa bona di tsamayang ka ho rata diila tsa bona le manyala a bona, ke tla bea molato wa metsamao ya bona dihloohong tsa bona: Morena Jehova o rialo.


Erekaha o sa ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, mme o bile manyadi ho nna nthong tseo tsohle, le nna ke tla o jarisa molato wa metsamao ya hao hloohong: ho rialo Morena Jehova; mme ha o sa tla ekeletsa manyala a hao wohle ka ditshila tse ding.


Jwalokaha ho bokellwa silefera, le koporo, le tshepe, le loto seboping, mme ntho tseo di butswellwa mollo hore di tle di qhibidihe, ke tla le phutha jwalo bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, mme ke tla le bea hona teng, ke tle ke le qhibidise.


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke besang mollo Egepeta, mme batlatsi bohle ba teng ba robehang.


Le wena, jwale, bofelo bo ya o tlela, ke ya o nehella bohale ba ka; ke ya o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.


Leihlo la ka ha le ka ke la o qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla bea metsamao ya hao ho wena, manyala a hao a be bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ha ho le jwalo, le nna leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ya bona dihloohong tsa bona.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ