Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwalokaha ho bokellwa silefera, le koporo, le tshepe, le loto seboping, mme ntho tseo di butswellwa mollo hore di tle di qhibidihe, ke tla le phutha jwalo bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, mme ke tla le bea hona teng, ke tle ke le qhibidise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Jwalokaha batho ba bokella silefera, le lethose, le tshepe, le loto, le lekapakapa ka seboping ho di qhibidisa ka mollo, le nna ke tla le kgobokanya kahara motse ke halefile, kgalefo ya ka e tlokoma, ke le tlohele hona teng, le qhibidihe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:20
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke tla isa letsoho la ka hodima hao, ke be ke hlatswe ditshila tsa hao ka logo, ke tlose manya a hao kaofela.


Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.


Tshenyo e ye e bitse tshenyo e nngwe, hobane ho tla senngwa lefatshe lohle, ditente tsa ka di ya senngwa hang le yona metlotlwane ya ka.


Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha bohle le fetohile manya, ke hona ke tla le phuthela Jerusalema.


Ke tla le ropanya, ke le butswelle mollo wa bohale ba ka, le tle le qhibidiswe hara motse wona.


Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Mme ke ne ke ba tshollele kgalefo ya ka ka baka la madi ao ba neng ba a tsholotse lefatsheng, le ka baka la hobane ba ne ba le silafaditse ka ditshwantsho tsa bona.


Leha ba romela dineo hara ditjhaba, ke tla ba bokella teng, ba qale ho fokola ke ho imelwa ke morena wa marena a mang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ