Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 22:11
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.


A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.


Amnone a hana ho mo utlwa, a mmeta, a mo hlola, a ba a robala le yena.


Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


ha eo a sa etse tsohle tse entsweng ke ntatae, a mpa a eja ditjhabeng, a silafatsa mosadi wa wa habo,


ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang,


Le itshetleha ka marumo a lona, le etsa manyala, e mong le e mong wa lona o silafatsa mosadi wa wa habo; ... mme le re, le tla rua lefatshe lena?


O se ke wa apola bofeela ba ngwetsi ya hao, hobane ke mosadi wa mora wa hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.


O se ke wa bokana le mosadi wa wa heno ho itshela sesila le yena.


Ho se ke ha eba ya atamelang ho mosadi e leng wa madi a le mang le yena ho apola bofeela ba hae. Ke nna Jehova.


O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.


Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.


Ekare ha e mong a feba le ngwetsi ya hae, ba tla bolawa ba babedi; ba ferekantse molao wa ditaba: madi a bona a tla ba hodima bona.


Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?


Mme mesebetsi ya nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho boka, ke bonyala, le bootswa;


Ha ho ka fumanwa monna ya robalang le mosadi ya nyetsweng ke e mong, ba shwe ba babedi, monna le mosadi ba robetseng hammoho. Tlosa bobe jwalo Iseraeleng.


Ho rohakwe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa e leng moradi wa ntatae, kapa e leng moradi wa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ