Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:7
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.


ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bonang, ke ya hlahisetsa Jerusalema le Juda kotsi, eo bohle ba e utlwang, ditsebe tsa bona di tla re tsi.


Ba fele jwaloka metsi a phallang, metsu eo ba e fulang e thithibane.


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Ka baka leo, matsoho kaofela a lepeletse, dipelo tsa batho bohle di tepeletse.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


A le ke le feng matsoho a tepeletseng matla, le tiise mangole a tetemang.


Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.


Yaba Jeremia o bolella baholo bohle le setjhaba kaofela, a re: Ke Jehova ya nthomileng ho porofeta bakeng sa ntlo ena le sa motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng.


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


Tshediso ya ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ya ka e fela ka ho nna.


Ka baka leo, dipelo tsa rona di a fela, ka baka la tseo mahlo a rona a fifetse.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova! Ba mpolella ka ho re: Eo o ntsa bua ka dipapiso!


Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.


Haele wena, mora motho, o bobole jwaloka ya theka le robehileng, o fehelwe habohloko pela bona.


Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.


Setjhaba sa re ho nna: Na o ke ke wa re qaqisetsa seo taba tseo di re tshwantshetsang sona na, ha o etsa tse jwalo?


Mora motho, o lebise sefahleho sa hao nqa dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele,


Matsoho wohle a tepeletse, mangwele wohle a qhibidiha.


Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Bahlahlobi ba tla eketsa ho bua le setjhaba, ba re: Motho ya lekwala, ya nang le pelo e boi, ke ofe na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong pelo tsa banababo tsa qhibidiha jwaloka ya hae.


A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.


Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ