Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Erekaha ke tla kgaola ba lokileng le ba babe ba ho wena, lerumo la ka le tla tswa ke hona selateng ho bolaya nama yohle, ho tloha borwa ho isa leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Erekaha ke tla bolaya ba lokileng le ba kgopo, sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona, e bolaye batho bohle, ho tloha borwa ho isa leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.


Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho le letona, o rothisetse lentswe la hao nqa borwa, o be o porofetele moru wa naha ya borwa,


o re ho moru wa borwa: Mamela lentswe la Jehova! Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya hotetsa mollo ha hao, o tla qeta difate tsohle tse tala le difate tsohle tse omileng; kgabo ya mollo ha e ka ke ya tima, mme ka yona, naha yohle, ho tloha borwa ho isa leboya, e tla tlabolwa;


Le leoditswe ho akofisa polao, le bentshitswe hore le tle le hadime. Kapa a re tla thabela lere la mora ka, le nyedisang difate tsohle tse ding na?


Mora motho, porofeta, o re: Jehova o re: Ere: Lerumo ke leo! lerumo ke leo! le leoditswe, le bile le bentshitswe.


Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!


Hobane ke emisetsa letsoho la ka lehodimong, mme ke re: Ke phela ka ho sa feleng!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ