Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ha o ntse o batlelwa dipono tsa lefeela, o ntse o etsetswa bonohe ba leshano, le tla o lahlela ditopong tsa ba babe ba bolailweng, bao letsatsi la bona le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Dipono tsa lona ke tsa bohata, bonohe ba lona ke ba leshano, bo reng ka sabole le hlathe, le hlathe melala ya ba babe, le hlathe le ya ba kgopo, ba fihletsweng ke pheletso ya bona, bokgopo ba bona ebe bo a fela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Meloko e tlang e tla tsota tshenyeho ya hae, mme meloko wa jwale o tla tshwarwa ke ho thothomela.


Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


O ikgathaditse ka ho botsa dikeletso haholo; a ba ke ba eme, ba o pholose, bona ba tsebang lehodimo, ba lekolang dinaledi, ba o bolellang, ha kgwedi e roha, tseo o tla hlahelwa ke tsona.


Mme lona he, le se ke la mamela baporofeta ba lona, leha e le dinohe tsa lona, leha e le balori ba lona, leha e le dingaka tsa lona, leha e le baupelli ba lona, ba le bolellang, ba re: Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona.


Jwalokaha sediba se tshikgola metsi a sona, o tshikgola bolotsana ba wona jwalo; bothata le botubo bo ntse bo utlwahala ho wona, maqeba le matetetso a pela ka kamehla.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


hobane ho ke ke ha eba pono e nngwe ya mohlolo e tlang ho ba lefeela, leha e le boporofeta ba leshano tlung ya Iseraele, hobane ke nna Jehova.


Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...


le hona ha le sa tla bona dipono tsa lefeela, ha le sa tla etsa bonohe. Ke tla namolela setjhaba sa ka diatleng tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ba nang le dipono tsa lefeela le bonohe ba bohata, ba re: Ho itswe ke Jehova! athe Jehova ha a ba roma, mme ba tshepile hoba o tla tiisa mantswe a bona.


Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,


Baporofeta ba yona ba peqa ntho tseo kaofela ka seretse se sa tsebisahaleng. Ba na le dipono tsa lefeela, ba ba nohela leshano, ba re: Morena Jehova o re ... athe Jehova ha a ka a re letho.


Erekaha o ne o hloile bana ba Iseraele ka hloyo e sa feleng, wa ba wa ba neela lerumo, mohla kotlo ya bona, mohla e seng e le bofelo ba bokgopo ba bona,


Pelong tsa bona ha ba bolele hore ke hopotse bolotsana ba bona. Jwale, diketso tsa bona di ba teetse hare, di pela sefahleho sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ