Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Morena Jehova o re: Rola moqhaka, o tlose mokgabo wa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamiswa se kokobetseng, ho kokobetswa se phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.


empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.


Hobane nala hase ya kamehla, le borena ha bo hlolehe kamehla le mehla.


Tswela pele ka boupelli ba hao le ka bongata ba boloi ba hao, e leng dintho tseo o di sebeditseng esale botjheng ba hao; ekaba o tla fihlela thuso ho tsona, mohlomong o hlole ka tsona.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.


ka kenya lesale nkong ya hao le masale ditsebeng, ka o rwesa le moqhaka o motle hloohong.


Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.


o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng;


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ