Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le nkgopoditse bokgopo ba lona, kamoo ditlolo tsa lona di felang di hlanotswe kateng, hore dibe tsa lona di tle di bonahale diketsong tsohle tsa lona; erekaha le ikgopoditse e le lona, le tla tshwarwa ke letsoho la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Kahobane le entse hore ke se ke ka lebala dibe tsa lona ka ho mphetohela, mme dibe tseo tsa lona di pepesitswe ke diketso tsohle tsa lona; kahobane le entse hore ke se ke ka le lebala, le tla iswa bothopuweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:24
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.


Etlere ha ba re ho wena: Ana re tswele kae? O ba fetole, o re: Ho itswe ke Jehova: Ba loketsweng ke lefu ba tswele lefung, ba loketsweng ke lerumo ba tswele lerumong, ba loketsweng ke tlala ba tswele tlaleng, ba loketsweng ke kgoleho ba tswele kgolehong.


Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.


Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Haele bona, mahlong a bona, ke bonohe ba lefeela; ke re, ho bona ba neng ba hlapantse le ho ana; empa yena o elellwa bokgopo ba bona, hore ba fele ba tshwarwe.


Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ