Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Haele bona, mahlong a bona, ke bonohe ba lefeela; ke re, ho bona ba neng ba hlapantse le ho ana; empa yena o elellwa bokgopo ba bona, hore ba fele ba tshwarwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Setjhaba sa Jerusalema ha se ka ke sa kgolwa taba ena ka baka la dilekane tseo se di entseng. Empa boporofeta bona ke bo se hopotsang dibe tsa sona, le ho se hlokomedisa hore se tla thopuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:23
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.


Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.


ba reng: Ha ho eso ho be nako; re ka nna ra haha matlo; motse ona ke pitsa, mme rona re dinama.


Mora motho, polelo ke efe eo le nang le yona naheng ya Iseraele, ha le re: Matsatsi a ntse a eketseha, empa pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo e a timela?


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le nkgopoditse bokgopo ba lona, kamoo ditlolo tsa lona di felang di hlanotswe kateng, hore dibe tsa lona di tle di bonahale diketsong tsohle tsa lona; erekaha le ikgopoditse e le lona, le tla tshwarwa ke letsoho la hae.


Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.


monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.


Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ