Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Motsu o ka letsohong la yona le letona o tla supa Jerusalema, moo kgosi e tla isa ditshetlo teng, e laele hore ho bolawe, ho hlajwe mokgosi wa ntwa, ho bewe ditshetlo dikgorong tsa motse, ho hahwe marako, ho etsetswe motse thibella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:22
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.


Ha e utlwa tlerolo ya yona, e re: Aha! ke yona! Mme e sa le hole, e fofonela ntwa le modumo wa mantswe a bahlabani le mekgosi ya ntwa.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:


Bolellang ditjhaba, le tsebise Jerusalema, le re: Ba tlang ho mo patela ka ntwa ba tswa lefatsheng le hole, mme ka mehoo ba lwantsha metse ya Juda.


Ho ana Jehova wa makgotla ka ho phela ha hae, o re: E, ruri, ke sa tla o tlatsa ka batho ba kaale ba ditsie, mme ba tla o hlabela mokgosi.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


O tla bolaya ka lerumo baradi ba hao ba naheng ya hao, a be a o teele hare ka lerako le potang, mme a o tjhekele ditutudu, a o emisetse thebe.


O tla neela dipheleu tsa hae marakong a hao, a heletse ditora tsa hao ka dibetsa tsa hae.


o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


Joshua a laela setjhaba, a re: Le se ke la etsa ditlatse, mme mantswe a lona a se ke a utlwahala, ho se ke ha eba puo e tswang melomong ya lona, ho be ho fihle tsatsi leo ke tla re ho lona: Hlabang ditlatse. Mohlang oo, le tla hlaba ditlatse.


Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.


Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ