Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Oho lerumo, o phuthehe, o hlabe ka ho le letona; ela sedi, o hlabe ho le letshehadi, nqeng tsohle moo bohale ba hao bo lebang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Wena sabole e bohale, hlatha ka ho le letona, o hlathe ka ho le letshehadi, hohle moo o shebileng teng o hlathe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:16
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi.


Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,


Moholwane wa hao ke Samaria hammoho le baradi ba hae, ba ahileng nqa letsohong le letshehadi ho wena; mme moenao, ya ahileng nqa letsohong le letona ho wena, ke Sodoma hammoho le baradi ba hae.


Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.


Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.


O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.


Erekaha ke tla kgaola ba lokileng le ba babe ba ho wena, lerumo la ka le tla tswa ke hona selateng ho bolaya nama yohle, ho tloha borwa ho isa leboya.


Ke tla mo neela lefu la sewa le madi diterateng tsa hae; ba bolawang ba tla wa ho yena ka lerumo le tla mo tlela le etswa nqa tsohle, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ