Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme wena, mora motho, o porofete, o ope ka diatla tsa hao, lerumo le ke le kgehlepele habedi, hararo: ke lerumo le bolayang, lerumo le bolayang ba baholo, le ba teelang hare ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.


Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo, mohla o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate.


Tshiung tsa hae, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, mme Jojakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo; a ntoo kweneha, a mo fetohela.


O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.


Le lekilwe; mme ho nang, leha lere le nyedisang le se le le siyo? ho bolela Morena Jehova.


Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.


Ke tla mo neela lefu la sewa le madi diterateng tsa hae; ba bolawang ba tla wa ho yena ka lerumo le tla mo tlela le etswa nqa tsohle, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!


A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.


Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.


Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


Leha ba ka phunya nqalo ya bafu ho tshabela teng, le teng letsoho la ka le tla ba ntsha; leha ba ka nyolohela lehodimong, ke tla ba theola teng.


Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ