Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Howa, o purume, mora motho, hobane le ya ba setjhabeng sa ka, le ya ba ho mahosana wohle a Iseraele; a neetswe lerumong hammoho le setjhaba sa ka. Ha ho le jwalo, phathatsa seropeng sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Bokolla, o howeletse, wena ngwana motho, hoba sabole e tlela setjhaba sa ka, e tlela mahosana a Iseraele. Matshabeho a tliswang ke sabole a tla wela setjhaba sa ka hodimo, a wele le mahosana a sona hodimo. Swaba, o kebise hlooho ya hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 21:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, matsoho kaofela a lepeletse, dipelo tsa batho bohle di tepeletse.


Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.


Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.


O ntshitse lerumo hore le bentshwe, hore a tle a le tshware ka letsoho; lerumo le leoditswe, le bile le bentshitswe, hore a le kenye letsohong la mmolai.


Le lekilwe; mme ho nang, leha lere le nyedisang le se le le siyo? ho bolela Morena Jehova.


Mme wena, mora motho, o porofete, o ope ka diatla tsa hao, lerumo le ke le kgehlepele habedi, hararo: ke lerumo le bolayang, lerumo le bolayang ba baholo, le ba teelang hare ka nqa tsohle.


Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,


Haele wena, mora motho, o bobole jwaloka ya theka le robehileng, o fehelwe habohloko pela bona.


Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.


Mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o re: Bokollang! Jo! tshiu e ya tla!


Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!


Matsoho wohle a tepeletse, mangwele wohle a qhibidiha.


Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Ka baka leo, ke tla lla, ke bokolle; ke tla tsamaya ke hlobotse, ke le feela; ke tla lla jwaloka diphokojwe, ke rore jwaloka dimpshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ