Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:9
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.


Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?


E tla ba ka baka lang ha Baegepeta ba ka re: O ba ntsheditse ho ya ba ntsha kotsi, e le ho ya ba bolaela dithabeng le ho ba timetsa lefatsheng? Kgutla bohaleng ba kgalefo ya hao, mme o tlohele bobe boo o bo hopoletseng setjhaba sa hao.


Ka baka la ka, la ka ka sebele, ke tla etsa hoo, hobane lebitso la ka le ka nyefolwa jwang? Nke ke ka nea e mong kganya ya ka!


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ka mpa ka honyetsa letsoho la ka, ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.


esere mohlomong ba ahileng naheng eo o re ntshitseng ho yona, ba re: Erekaha Jehova a sitilwe ho ba kenya lefatsheng leo a ba baletseng lona, hape a ba hloile, ke ka hona a ba ntsheditseng ho ba bolaela lefeelleng.


Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ