Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:8
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.


Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.


O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!


Leha ho le jwalo, ba nna ba o sitelwa, ba nna ba kwenehela Mookamedi ya phahameng, lefeelleng.


ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Setjhaba eitse ha se bona hoba Moshe o diehile ho theoha thabeng, setjhaba sa bokanela Aarone, sa re ho yena: Ema, o re etsetse modimo o re etellang pele; hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.


Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.


Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.


Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.


hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.


Empa le bona bana ba bona ba ikgantshetsa nna; ba hana ho tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho boloka melao ya ka ho e etsa, eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona, ba silafatsa Disabatha tsa ka ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona nahathothe.


mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Jwalokaha silefera e qhibidiha seboping, le lona le tla qhibidiswa hara wona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova ke le tshelang ka kgalefo ya ka.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Hona jwale, ke ya tshollela kgalefo ya ka hodima hao, ke ya phetha bohale ba ka ho wena; ke tla o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.


Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Le se ke la lekisa se etswang naheng ya Egepeta, moo le kileng la aha teng, leha e le se etswang naheng ya Kanana eo ke ya le kenya ho yona, mme le se ke la latela mekgwa ya bona.


Le ikgantsheditse Jehova haesale le mohla ke qadileng ho le tseba.


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ