Ezekiele 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona, အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE5 o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.
Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?