Ezekiele 20:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)41 Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba; အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE41 Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
Kamora matsatsi a mangata o tla memuwa; dilemong tsa ho qetella, o tla tla lefatsheng le amohilweng lerumo, setjhabeng se phuthilweng ditjhabeng tse ngata, se ahileng dithabeng tsa Iseraele tse neng di fetohile lefeella ka dilemo tse ngata; ke setjhaba se ntshitsweng ditjhabeng; kaofela ha sona se ahile se iketlile.
Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.