Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 “ ‘Ha e le lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Motho ka mong a ye, a sebeletse modingwana wa hae wa bohata! Empa hamorao le tla nkgopola; ha le sa tla hlola le silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dimpho tsa lona le ka medingwana ya lona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:39
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.


Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!


Wa habo mofu o tla nka setopo sa hae le ya tlang ho se tjhesa, ho tle ho ntshwe ditopo tlung; mme o tla re ho ya dutseng motseo wa ntlo: Na o sa na le e mong le wena na? Eo o tla araba, a re: Tjhe, ha ho sa le motho. Ke moo a tla re: Thola! hobane ha ho na ho hopolwa lebitso la Jehova.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?


Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Eyang, le howeletse ho medimo eo le ikgethetseng yona, e ke e le namolele nakong ena ya tsietsi ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ