Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 ke tla kgetha baikgantshi le ba nkganang hara lona, ke tle ke ba ntshe naheng eo ba ahelletseng ho yona; empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:38
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka!


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Ha ele bao dipelo tsa bona di tsamayang ka ho rata diila tsa bona le manyala a bona, ke tla bea molato wa metsamao ya bona dihloohong tsa bona: Morena Jehova o rialo.


Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.


Ke tla le ntsha ditjhabeng, mme dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona ke le phuthe ka letsoho le matla, le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka,


Ba tla busetsa molato wa bohlola ba lona ho lona, mme le tla jara kotlo ya dibe tseo le di entseng le ditshwantsho tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


Ba bolawang ba tla wa hara lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


O tla dula, a ntse a qhibidisa, a hlwekisa silefera; o tla hlwekisa bara ba Levi, a ba tsheke jwaloka kgauta le jwaloka silefera, mme ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.


Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.


Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ