Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mora motho, bolella baholo ba Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Na le tlile ho mpotsa na? Ke a phela, ha ke dumele ho botswa ke lona: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 “Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:3
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!


Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.


Mohla le itlhahisang pela ka, ke mang ya kopileng ho lona hore le tle ho hatakela mabala a ka ka maoto?


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.


Yaba ho tla ho nna banna ba bang ba baholo ba Iseraele, ba dula pela ka.


mme le tlisa dinyehelo tsa lona, le tjhesa le bara ba lona, le ntse le itshilafatsa ka ditshwantsho tsa lona tsohle ho fihlela la kajeno, hleka nka dumela ho botswa ke lona, ntlo ya Iseraele, na? Ke a phela, ho rialo Morena Jehova, ha ke na ho botswa ke lona.


Haele wena, mora motho, bana ba letjhaba la heno ba buisana ka tsa hao, ba eme marakong le menyakong ya matlo, ba buisana e mong le e mong le ngwanabo, ba re: Tloong hle, le mamele lentswe le tswileng ho Jehova!


Ba tla tsamaya ba etswa lewatleng le leng, ba ya ho le leng; ba tla matha ba etswa leboya, ho isa botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana.


Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.


Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ