Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:28
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.


ba sebeletsa ditshwantsho tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la di sebeletsa.


Bana ba Iseraele ba etsa ka sephiring ditaba tse sa kang tsa eba ntle ho Jehova, Modimo wa bona, ba ikgahela nqalo tse diphahameng metseng yohle ya bona, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.


Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Hobane bana ba Iseraele le bana ba Juda ba nnile ba etsa ho leng hobe feela pontsheng ya ka, esale le botjheng ba bona, hobane bana ba Iseraele ba nnile ba mphephetsa feela ka diketso tsa matsoho a bona, ho bolela Jehova.


Le tsona dijo tsa ka tseo ke neng ke o neile tsona, e le lefi la phofo, le ole, le dinotshi tseo ke neng ke o fepa ka tsona, wa di bea pela tsona ho di etsa monko o monate. Ha eba jwalo: ho rialo Morena Jehova.


o bile o ikgahetse meaho e didikwadikwe, o iketseditse dinqalo tse diphahameng mapatlelong wohle;


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


Ka ba ka re ho bona: Nqalo e phahameng eo le yang ho yona ke efe? Lebitso la teng e ntse e le la nqalo e phahameng le kajeno.


mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.


hore bana ba Iseraele, bakeng sa ho hlabela dintho tsa bona naheng, ba di tlise ho moprista pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme ba di hlahisetse Jehova, e be mahlabelo a teboho.


Bonang, kajeno ke ya ka tsela ya lefatshe lohle. Le a itsebela pelong tsa lona bohle le meyeng ya lona bohle hobane ha ho ntho leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle di etsahetse ho lona, ha ho e nngwe ya tsona e hlokahetseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ