Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ha ho le jwalo, mora motho, bolella ba ntlo ya Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tseo bontata lona ba nnyefotseng ka tsona, ha ba tla nketsetsa bolotsana, ke tsena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 “Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bo-ntata lona ba ile ba nnyefola, ba mphuralla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba fetoha bakwenehi le ba mano jwaloka bontata bona, ba eba jwaloka seqha se thetsang;


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.


Empa etlare ha ke bua le wena, ke tla ahlamisa molomo wa hao, mme o tla re ho bona: Morena Jehova o a bua! ... Ho mamele ya mamelang, ya hanang a hane, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


A boela a re ho nna: Mora motho, tsamaya, o ye ho ba ntlo ya Iseraele, o bue le bona ka mantswe a ka;


Ditjhaba di tla tseba hoba ba ntlo ya Iseraele ba ne ba isitswe kgolehong ka baka la bokgopo ba bona, le kahobane ba ne ba ntshitetswe: ke ne ke ba patele sefahleho sa ka ke hona ka ba neela matsohong a dira tsa bona, ba ba ba dihuwa ke lerumo kaofela ha bona.


Ba tla lebala sekgobo sa bona le tshito ya bona eo ba ntshitetsweng ka yona, mohla ba ahang naheng ya bona ba iketlile, ho se ya ba tshabisang;


Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.


Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.


Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ