Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:24
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


a sa ke a eja dithabeng, a sa ke a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, a sa silafatse mosadi wa wa habo;


ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang,


Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.


hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.


Hape, ba nketseditse ho hong: ba silafaditse sehalalelo sa ka tsatsing leo, ba silafaditse le disabbatha tsa ka.


Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ