Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka mpa ka honyetsa letsoho la ka, ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O honyetse letsoho la hao hole le nna, mme o se ke wa ntshosa ka letsoso la hao.


Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao!


Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


Ka baka la lebitso la hao, o se ke wa nyedisa, o se ke wa senya terone ya kganya ya hao; hopola, o se ke wa roba selekane sa hao le rona.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Jehova o rerile ho ripitla lerako la moradi wa Sione, a tatamatsa kgwele ya tekanyo, mme ha a ka a honyetsa letsoho la hae tshenyong; o swabisitse lerako le tora, di ntse di swabile hammoho.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Empa leihlo la ka la nna la ba qenehela, hore ke se ke ka ba timetsa, mme ha ke a ka ka ba fedisa nahathothe.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ