Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 hape, le halaletse Disabatha tsa ka, e be pontsho mahareng a ka le lona, mme ke moo le tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:20
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o ne a etse mahodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena, Jehova o hlohonolofaditse letsatsi la phomolo, mme o le beile le kgethehileng.


Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.


Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,


Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


O nyedisa dihalalelo tsa ka, o silafatsa disabbatha tsa ka.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ