Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 20:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 20:13
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.


Le se ke la etsisa bontata lona, leha e le banababo lona ba sitetsweng Jehova, Modimo wa bontata bona, a ba a ba neela tshenyehong, jwalokaha le bona.


Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha?


Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


erekaha le bile la nyedisa keletso ya ka, le sa ka la sekehela kgalemelo ya ka tsebe;


Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.


Ka ba ka ba nea dikomela tsa ka, ka ba tsebisa melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.


Empa le bona bana ba bona ba ikgantshetsa nna; ba hana ho tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho boloka melao ya ka ho e etsa, eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona, ba silafatsa Disabatha tsa ka ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona nahathothe.


kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.


mme jwalokaha ke ne ke isane nyeweng le bontata lona lefeelleng la naha ya Egepeta, ke tla isana nyeweng le lona jwalo, ho rialo Morena Jehova.


Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.


O nyedisa dihalalelo tsa ka, o silafatsa disabbatha tsa ka.


Hape, ba nketseditse ho hong: ba silafaditse sehalalelo sa ka tsatsing leo, ba silafaditse le disabbatha tsa ka.


Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.


ha le nyedisa melao ya ka, mme le tenwa ke dikahlolo tsa ka; ha le sa ye ka melao ya ka, mme le roba selekane sa ka,


Naha e tla tlohelwa ke bona, mme e tla thabela Disabatha tsa yona, ha e sa ntse e senyehile, ba le siyo; ba tla lefa molato wa makgopo a bona, ka baka la hobane ba nyatsitse dikahlolo tsa ka, mme ba kgesitse melao ya ka.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,


Ditopo tsa lona di tla wa feelleng lena, mme lona bohle ba kileng ba balwa, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa pele, lona ba dumadumileng ka nna, ha le ka ke la kena lefatsheng leo ke neng ke le emiseditse letsoho la ka, ka re ke tla le ahisa teng,


Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.


Ke wona matlo a Issaskare, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mararo.


Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tswang molaong ka ho re: Motho ya etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona.


Hobane ke tseba boikgantsho ba hao le molala wa hao o thata. Bonang, ha esita ke sa ntsane ke phela le lona kajeno, le nnile la ikgantshetsa Jehova, le tla ikgantsha haholo hakakang, ha ke se ke shwele!


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


Esita le Horebe, le phepheditse Jehova; Jehova a le halefela, a ba a hopola ho le timetsa.


Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.


E ntse e le ho etsa ka tsohle tseo ba di entseng, haesale ke ba ntsha Egepeta, ho tlisa tsatsing lena, ho mphuralla, le ho sebeletsa medimo esele; le wena ba o etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ