Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 2:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.


A re ho nna: Mora motho, ja seo o se fumaneng; ja buka eo e phuthilweng, o ntoo ya, o bue le ntlo ya Iseraele.


A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.


Empa, bonang, letsoho le leng la nkama, la sisinya mangwele a ka le matsoho a ka.


Ka nako yona eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, mme ya ngola modilong wa lebota, mabapa le kandelare, ka tlung ya morena; morena a bona ntlha ya letsoho ha le ngola.


Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme hang ha hlaha lengolo le phutholotsweng, le fofang.


Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.


Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ