Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 2:7
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona.


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.


mme o re ho bona: Mamelang lentswe la Jehova, marena a Juda, le Bajuda bohle, le baahi kaofela ba Jerusalema ba ntseng ba kena ka menyako ena.


Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?


Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.


Moporofeta Jeremia a bolella Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela Jerusalema.


Baholo bohle ba roma Jehudi, mora Nethania, mora Shelemia, mora Kushi, ho Baruke, ka ho re: O inkele matsohong a hao maqephe ao o badileng ho wona, pontsheng ya setjhaba, mme o tle kwano. Yaba Baruke, mora Neria, o inkela maqephe letsohong la hae, a ya ho bona.


Mme ke fela ke le tsebisitse tsona kajeno; empa ha le utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa lona, le tsohle tseo a nthomileng tsona ho lona.


Yaba Jeremia o fetola setjhaba kaofela, banna le basadi, le setjhaba kaofela, ba neng ba mo fetotse ka taba tseo, a re:


Ke bakwenehi le baikgantshi kaofela, ba ntse ba eya ba etselletsa; ke koporo le tshepe; ke ba bolotsana kaofela.


O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.


Yaba ke bolella ba isitsweng kgolehong mantswe wohle a Jehova ao a neng a ntshenolele wona.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.


Ha ho le jwalo, mora motho, bolella ba ntlo ya Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tseo bontata lona ba nnyefotseng ka tsona, ha ba tla nketsetsa bolotsana, ke tsena:


A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.


Mora motho, ke o beile sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tle o mamele lentswe le tswang molomong wa ka, o ba tshose, o re: Ke nna ke buang le bona.


A boela a re ho nna: Mora motho, tsamaya, o ye ho ba ntlo ya Iseraele, o bue le bona ka mantswe a ka;


Haele wena, mora motho, ke o entse sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tla mamela lentswe le tswang molomong wa ka, o ba eletse ka lebitso la ka.


Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.


Mamelang, le pake tsa ntlo ya Jakobo, ho bolela Morena Jehova, Modimo wa makgotla.


Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, mme teng o tumise ditaba tseo ke o bolellang tsona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ