Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 2:6
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba lengeloi la Jehova le re ho Elia: Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba. Yaba o tloha, a theoha le yena ho ya ho morena.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Hobane bolotsana bo hotetse jwaloka mollo; bo tjhesa meutlwa le dibajwa, bo tukisa meru e teteaneng, mme eo e fella mosing o lopallang hodimo.


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Ke bakwenehi le baikgantshi kaofela, ba ntse ba eya ba etselletsa; ke koporo le tshepe; ke ba bolotsana kaofela.


O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.


Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.


Empa ha e le nna, ke tletse matla, ke tletse moya wa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokwenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.


Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe.


Leha a kopile lehe, a ka mo fa phepheng na?


Empa ke re ho lona le leng metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?


Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentswe la hao, ba sa tshabe letho.


Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,


le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.


Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;


Di na le mehatla e jwaloka ya diphepheng, le ditsenene, mme matla a tsona a ho hlokofatsa batho ka dikgwedi tse hlano a mehatleng ya tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ