Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 2:3
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ha ba ka ba utlwa; ba sataladitse melala ya bona, jwaloka bontata bona ba sa kang ba dumela ho Jehova, Modimo wa bona.


Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.


Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.


Ba kgomarela Baale-Peore, ba eja mahlabelo a hlabetsweng bafu;


Ho madimabe bana ba ithatafatsang, ho bolela Jehova, ba rerang taba, empa e seng ka nna, ba etsang dilekane, empa e seng ka moya wa ka, ba tle ba eketse sebe hodima sebe;


Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Yaba Jeremia o fetola setjhaba kaofela, banna le basadi, le setjhaba kaofela, ba neng ba mo fetotse ka taba tseo, a re:


Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na?


Eya, o eme monyako wa ntlo ya Jehova, o howeletse lentswe lena teng, o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba kenang ka menyako ena ho tla kgumamela Jehova.


Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.


O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.


Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.


Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.


Haesale mehleng ya bontata lona, la kgeloha ditaelo tsa ka, mme ha le a ka la di boloka; kgutlelang ho nna, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla. Mme le re: Re kgutle ho eng?


Moshe le Aarone ba biletsa phutheho pela lefika.


Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!


Le ikgantsheditse Jehova haesale le mohla ke qadileng ho le tseba.


Hopola bahlanka ba hao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo; o se ke wa tadima bothata ba setjhaba sena, leha e le bokgopo ba sona, leha e le sebe sa sona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ