13 Jwale, o hlomilwe lefeelleng, naheng e omileng, e nyorilweng.
13 Kajeno fate sena se lenngwe hara lehwatata, mobung o omeletseng, sebataolong.
A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;
Oho Modimo, o Modimo wa ka, ke a o batla;
Modimo o lokisetsa ba qhalaneng bodulo, o lokolla ba tshwerweng ho ba kenya naleng; empa bakwenehi ba ikahella naheng e tshehla.
Mmao e ne e ka morara o hlomilweng pela metsi jwaloka wena; o ne o beha haholo, o bile o hlometse mahlomela a mangata ka baka la metsi a mangata;
ke le tlise lefeelleng la ditjhaba, ke tle ke isane nyeweng le lona teng;
ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.
Jehova o ba fothotse lefatsheng la bona ka kgalefo, ka bohale, le ka hlonamo e kgolo, mme o ba lahletse naheng esele, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.