Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mmao e ne e ka morara o hlomilweng pela metsi jwaloka wena; o ne o beha haholo, o bile o hlometse mahlomela a mangata ka baka la metsi a mangata;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “ ‘Mmao o ne a ka sefate, sefate sa morara, fate se lenngweng pela metsi a nwesetsang, sa beha haholo, makala a etsa makgasikgasi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 19:10
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


Mosadi wa hao, kahare ho ntlo ya hao, o jwaloka morara o beang haholo; bara ba hao ba teela tafole ya hao hare, jwaloka mehlwaare e metjha.


La mela, la fetoha morara o namileng, empa e le o rarelang nqa fatshe, makala a wona a lebile ka ho ntsu, metso ya wona e le tlasa wona; ya eba morara o hlomelang makala, o melang le makalana.


Jwale, o hlomilwe lefeelleng, naheng e omileng, e nyorilweng.


o re: Mmao e ne e le mang? E ne e le tauhadi; e ne e bothile hara ditau, e ne e hodisa bana ba yona hara ditawana.


Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o kenya lefatsheng le molemo, lefatshe la melapo, la didiba, la matsha, la metsi a kollang dikgutlong le dithabeng;


lefatshe leo o tla ja bohobe ho lona, ho se tlala, mme o ke ke wa hloka letho ho lona; lefatshe leo majwe a lona e leng tshepe, mme dithabeng tsa lona o tla tjheka koporo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ