Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:8
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke hlokile ho nyatseha pela hae, mme ke ipolokile ke se ke ka etsa bokgopo.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.


Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.


ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motshwenyehi, le lokisetse dikgutsana, le emele nyewe ya mohlolohadi;


E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.


Ho madimabe nna, mme, ha o ntswetse ke le motho ya kgang le wa tseko ho lefatshe lena lohle; ha ke a ka ka adima letho, mme ha ke a ka ka adingwa letho; leha ho le jwalo, ba nthohaka kaofela.


Ke hona le tla tseba hoba ke nna Jehova, lona le sa kang la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le sa kang la etsa ka melao ya ka, le mpileng la etsa ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare.


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


a sa etse mohlomohi ka matla, a sa nke phahello leha e le katiso, a etsa ka ditaelo tsa ka, a tsamaya ka dikomelo tsa ka; eo a ke ke a shwa ka bokgopo ba ntatae, o fela a tla phela.


Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.


Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.


Le se ke la thetsa dikahlolong, leha e le ditekanyong tsa bolelele, leha e le ditekanyong tsa boima, leha e le ditekanyong tsa ho tshela.


Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ